Pitso  ·  Siyazenzela

Dintlha tse Kgolo tse 11 tsa Kopano ya Batho Pele: Siyazenzela

01/11

HO SHWA HA SELEKANE LE HO PHAHAMA HA BARUTI BA BACHA

Molaotheo wa "Batho Pele", oo ka nako e nngwe e kileng ya e ba selekane sa Molaotheo wa rona o shwele. Baruti ba Dikereke ba batjha ba laolang le boradipolotiki ba hlaheletseng ba behella ka pele dithahasello tsa bona tsa boithati, ba utswetsa naha eo ba ikanneng ho e sebeletsa. Tsena tsohle di etsahala ha ba ntse ba tshepile tlwaelo e tshosang ya ho se fuwe kotlo. Sena ha se ho hloleha feela ha batho ka bo mong, empa ke motjhini wa mmuso o harolang le ho tshwara ditjhelete tsa sechaba jwaloka thepa ya botho. Nako ya ho ipiletsa ho "Kereke ena ya ho Hapa" e fetile. Ka Ketso ya Boikemelo ya kopanelo, batho ba tlameha ho tsosa selekane se halalelang le ho etsa hore tshepiso ya tokoloho ya molaotheo e phele.

02/11

BORAPEDI BA DIKGETHO

Tshepiso ya hore dikgetho ka botsona feela di ka tlisa tokoloho e ipakile e le leshano. Leqhubu le ntseng le eketseha la ho se tsotelle ha bakgethi ha se pontsho ya ho se kgathalle, empa ke ho nyahamiswa haholo ke bo radipolotiki ba phahameng le lenane la mekgatlo e kgethwang. Batho ba hlokometse hore kgetho pakeng tsa mefuta e fapa-fapaneng ya ho hloleha ha se kgetho ho hang. Diphatlalatso tsa boiketo ba dikgetho di fetohile dibuka tsa thapelo tsa mekopa-kopa. Ha re hloke phatlalatso e nngwe ya boiketo ba dikgetho kapa mokgatlo o mong wa dipolotiki. Demokrasi ya nnete ha se ketsahalo ya dilemo tse ding le tse ding tse hlano; ke tshebediso e sa kgaotseng ya matla a bongata bo hlophisitsweng. Mehla ya "bakgethi ba mekopa-kopa" e lokela ho fihla pheletsong. Nako ya Mokga wa Baahi e tlameha ho qala; Molaotheo ke thepa ya batho. E tlameha ho ba pontsho ya letsatsi le letsatsi ya batho, ka batho, bakeng sa batho.

03/11

TSOHO YA MOKGATLO, HO TLOHA HO BAKOPI HO YA HO BATHEHI BA MORALO

Batho bohle ba a hlokomela hore Ho Holofala Haholo ha Mmuso ha ho bakwe ke ho se be le disebediswa, empa ke ho senngwa ha ka boomo ha matla a batho. Ka nako e telele, re ile ra behwa boemong ba ho ba Ditsebi tsa ho Kopa, re kgumama ka pela 'dialetare' tsa bomasepala ba hlolehang le mafapha, re kopa ditokelo tseo e seng e le tsa rona.

Ka hona, re tlameha ho etsa Kopano ya Batho Pele (BPC), e le ho Kgutlisetsa Boithati le Setheo sa Boiketlo le Boahi. Phetoho ho tloha ho ba 'ba emelang' ho ya ho 'ba nkang kgato'. Ena ke pitso ya Siyazenzela, e seng e le lepetjo la ho ba tsietsing, empa e le Mokgwa wa Phetoho le tsela ya bophelo. 'Tsietsi Ya Nnete' ke hore re lebetse hore ke rona mohlodi wa boleng bohle. Re tlameha ho kgaotsa ho ba 'bareki' ba tsamaiso e hlolehileng ya bolaodi mme re ikemisetse ho ba Baqapi ba Mekgwa ya ho Pholoha ha rona. Kahoo Kopano ya Batho Pele e lokela ho ba 'Ho Lokollwa' ha rona ho tswa lehwatateng la ho ba tsietsing ya ho hlokomelwa.

04/11

DITLAMO TSA BOITSEKI BO TSHEHETSWANG KA DITJHELETE

Indasteri ya Boitseki e tlameha ho nyatsuwa. Bongata ba setjhaba bo fetohile bafo ba bafani ba tsoang dinaheng tse ding kapa ba dithuso tsa mmuso, bo rekisa lentsoe la bona la boprofeta bakeng sa ho ba le setulo tafoleng ya maemo. Qetellong, indasteri ena ya boitseki ehlokomela kapa ha e sa hlokomele, e mmomoring wa ho hlahisa mmuso o se nang thuso, o nkang sebaka sa toro ya nalane ya mmuso o hatelang pele wa diphetoho o finyellang ditlhoko tsa batho.

Ho feta moo, Tokoloho e Lefellwang ka Tjhelete ke Pherekano. Mokgatlo o sa jeng dihlahiswa tsa mobu wa wona o ke ke wa lwanela naha ya wona. Re tlameha ho kgutlela Boipusong, botho bo lefellwang, bo ikemetseng ba Kopano ya Batho Pele bo ikarabellang feela ka tlala ya batho ba sebeletswang. Haeba re sa lefelle tokoloho ya rona, re tla be re hirile diketane tsa rona.

05/11

HO SHWA HA MOTHO YA TSOTELLANG MOSEBETSI WA HAE HO FETA TSOHLE LE HO PHAHAMA HA BAHLOKOMEDI BA BAAHI

Re lokela ho nyatsa Borapedi ba Ditsebi tsa Polotiki, sehlopha sa 'baetapele ba hirilweng' ba bonang ho sotleha ha batho e le leri ya ho finyella maruo. Setso sa hona jwale sa dipolotiki ke Bompodi ka hara Mokgatlo, moo botshepehi ho mokgatlo bo putswang ha ka lehlakoreng le leng ho iphapanyetswa dillo tsa baahi. Re tlameha ho haha Boprista bo Molemo ho Bohle, moo bolaodi bo sebeletswang ka Batho Pele, e seng ka ho rekwa ka 'Botshehetsi' ba mokgatlo.

Re tlameha ho hana dipolotiki tsa mekgatlo ya diphallelo tsa nakwana tse reretsweng ho etsa eka ho tshehetswa bakgethi, re kgelosa bongata hore bo nahane hore batho ba ratang mesebetsi ya dipolotiki ba tsotella mahlomola a bona. Diphallelo tse etsang hore batho ba se ke ba kgona ho iketsetsa di tshwana le bokgoba.

Re tlameha ho phatlalatsa ho Fediswa ha Tlwaelo ya ho emela Mesia. Ha re hloke bapholosi ba 'mehlolo' kapa 'dinatla' ho re etella pele ho ya leseding; re tlameha ho ba le Bahlokomedi ba Baahi ba tsitsitseng mobung oo ba o sebeletsang. Boetapele ha se mosebetsi wa boiphediso; ke Sehlabelo sa ho ba Mohlokomedi. Nako ya 'Monna e Moholo' e fetile; nako ya Setjhaba se Hlophisitsweng se Ikemetseng e fihlile.

06/11

HO LAHLWA HO HO HOLO LE PUSO YA BOKGUKGU

Batho bohle ba ka paka hore re LAHLUWE. Mmuso o lahlile mosebetsi wa wona, o siile baahi ba pepeseditswe "Puso e Hapuweng" ya bomafia ba bahanyapetsi, maqulwana le dihlotshwana tsa dinokwane tse hlophisehileng tse nang le maqhama a matla a dinaheng tse ka ntle. Mmuso o ke keng wa fana ka tshepo kapa wa sireletsa ba fokolang kgahlanong le baeta-pele ba dipolotiki ba meharo, dihlopha tsa ditlokotsebe tsa bomafia le mekgatlo ya ditlokotsebe, o lahlehetswe ke tokelo ya wona ya boitshwaro ya ho busa.

Projeke ka nngwe e reretsweng ho ntshetsa pele boemo ba dintlafatso e senngwa ke sehlopha sa dinwa-madi tse ratang tjotjo tse senang dipelo tse ka hara makgotla a molao, makgotla a ketsamolao le babusisi, ba kentseng ka hare ditlokotsebe tse hlophisitsweng. Ha sehlopha sa dishaka tseo e leng borakgwebo ba ithuisang se rekisa thepa ya setjhaba ka sepheo se sa feleng sa ho lelekisa phaello molemong wa phaello.

Boitelo bo kileng ba kganya ba ho intsha sehlabelo ha moloko wa balwanedi ba tokoloho ba senang boithati bo hataketswe. Meharo ya ho hweba ka mekga ya dipolotiki le ho fa batho ba senang dikello botumo ho sentse bonngwe ba matshwele, ho entse hore a se ke a kgona ho nka kgato e kopaneng ho lwantsha mathata ha mmuso o ba lahlile. Kopano ya Batho Pele e tla ba sefate seo moriti wa sona e tla ba kopano ya baahi ba iketsetsang dintho ba tsosolosa matla a bohlokwa a bongata ntle le botshepehi bo fokolang ba mekga. Mme ba hape le ho kgutlisetsa mmuso ho batho.

07/11

MOTJHINI O IKEMETSENG, HO KGUTLISETSA TAELO YA BOPHELO

Re tlameha ho phatlalatsa hore ha mmuso o tlohela taolo, bolaodi ba wona bo kgutlela ho batho. Re tlameha ho haha Motjhini O Ikemetseng Wa Tshebeletso, e seng ho ba nkela sebaka, empa e le hore re pholohe le ho jarisa balaodi boikarabelo. Kae kapa kae moo baahi ba itukisetsang sekolo sa bona, kliniki, tsela, ba itlhokomella metsi a bona, kapa ba ikahela sebaka sa ho fehla motlakase ka matla a letsatsi, ba tla be ba bontsha hore ke Mokgatlo O Ikemetseng Ka Ho Toba. Re tlameha ho ikahela mekgatlo ya rona ya dienjinere le ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho, le dihlopha tsa rona tsa tshireletseho. Re tlameha ho paka hore boleng le seriti di ka kgoneha ntle le ho fumana tumello ya baetapele ba bobodu. Bona ha se boipiletso ba hore re ikarole, empa ke tshebetso ya Mokgatlo O Ikopantseng O Ikemetseng Ka Ho Toba. Motjhini oo re o ahang kajeno e tla ba sebopeho sa setjhaba se setjha sa hosane seo re tlo dula hara sona.

Lena ha se lebaka la ho keteka bakeng sa bohle ba utswang thepa ya mmuso le ho holofatsa ditheo tsa mmuso. Re tlameha ho lelekisa emong le emong wa bona re sebedisa makala a batho a molao le a forensiki, ho kenyeletswa le ka botjhotjhisi ba poraefete. Re tlameha ho fumana thepa yohle e utswitsweng ho ba sentseng ditheo tsa batho, re tlise bohle ba siileng diporojeke tsa setjhaba di sa phethelwa kahlolong. Sena ke ho kgutlisetsa mmuso wa batho ho beng ba wona re sa ikwahlaye.

Kopano ya Batho Pele e tlameha ho ba lehae la Mokhatlo wa Diithuti tsa Alumni tsa Dikolo Tsa Setjhaba ho haha meralo ya motheo, setso le tlhompho bohlaleng ba thuto ya batjha. Ka mesebetsi ya setjhaba, re tlameha ho phatlalatsa ntwa kgahlanong le dikoti tsohle ditseleng tsa rona, mabone a seterata a robehileng, dikgwerekgwere, metsi le ditshebeletso tsa bophelo bo botle, le dithaba tsohle tsa ditshila tse bipetsang tikoloho ya rona, re dumelle boithati, boitlhompho le boikemelo ho busa. Ka hodima tsohle, re tlameha ho hapa diterata tsa rona matsohong a ditlokotsebe, ba hwebang ka dithetefatsi, maqulwana a dinokwane le mashodu. Motjhini Ona O Ikemetseng Wa Ditshebeletso e tla ba tshireletso ya rona ya ho qetela ya taolo ya molaotheo.

08/11

BOTLAMUWA BA MORUO LE LESHANO LA THUTO YA HO DUMELA HORE HO NA LE KGAELLO

Re tlameha ho hanetsa Botlamuwa Ba Moruo bo thibellang bongata ho ka kgola ditholwana tsa mosebetsi wa matsoho a bona. Moruo wa rona ke motjhini o kgethollang batho, o sireleditsweng ke "Baprista Ba Phahameng" ba Ditjhelete ba rutang thuto ya bodumedi ya kgaello e radilweng ka tsela ya ho boloka batho ba lapileng ba le bokgobeng ba ka ho sa feleng. Ho hloka mosebetsi ha batjha ho fetohile tlolo ya molao kgahlanong le batho, Ho tlohela ba dimilione ba sa sebetse ha se feela taba ya "dipalopalo"; ke ho bolaya moya wa setjhaba ka tsela e hlophisitsweng. Ke ntho e etseditsweng sehlopha sa ba dulang ba le fatshe ka boomo hore se nyamelle kgutsong ya bofutsana.

Moruo wa rona ha wa 'robeha'; o sebetsa hantle ka tsela eo o e reretsweng, jwaloka motjhini wa kgethollo le tlontlollo ya semorabe. Ha 'Marena a Moruo' a ke ke a fana ka setulo bakeng sa emong le emong tafoleng, jwale batho ba na le tokelo, le mosebetsi, wa ho haha tafole botjha. Ha re sa tlameha ho ba batshwaruwa ba mebaraka e nkang sekoloto e le ntho ya bohlokwa ho feta maphelo. Re lokela ho kgutlisetsa ho rona tokelo ya ho hlahisa, ho rua, le katleho. Ka lebaka leo Kopano ya Batho Pele e lokela hore e be lehae la marang-rang a ikemetseng a Ditsi tsa Tshebediso le Tlhahiso e le ho qeta bofuma, ho theha mesebetsi, tlhahiso, le ho sireletsa tokoloho ya rona moruong.

09/11

KOPANO YA BATHO PELE, BOBUSI BO NTJHAFADITSWENG

Kopano ya Batho Pele ha se sehlopha sa dingangisano, empa ke Motjhini Wa Batho Ba Tlwaelehileng ba Lahlilweng. Ho babusi ba hlolehang re lokela hore: "Ke rona bana; ha ho letho leo re ka le etsang". Ke nako ya ho sheba beng ka rona. Ke nako eo ka yona 'Metjhini e Ikemetseng ya baahi ba dikete ba ikopanyang e lokelang ho ba Enjene e le nngwe Ya Nchafatso ya Sechaba. Re tlameha ho bokana e seng hore re tlo 'eletsa' marena a kgale, empa re ba nkele sebaka.

Makgotla a Bomasepala a hona jwale, Makgotla a Ketsa Melao, Palamente le batsamaisi ba yona ba fetohile 'Mabitla a Ditshepiso' moo ditabatabelo tsa batho di shwellang hona teng. Ka hona re lokela ho bokanya Tafole e Njtha ya Naha, e sa hahwang hodima lehlabathe le sa tsitsang la ho tshepahalla mokgatlo, empa e hahilwe hodima lejwe le thata la Matla a Boahelani. Kopano ya Batho Pele e tlameha ho ba Kgokahanyo ya Mekgatlo, kopano ya batho ba hahang, ba rutang, ba sireletsang, le ba fodisang. E tlameha ho ba bopaki ba hore Afrika Borwa ha se mmuso wa yona; Afrika Borwa ke Batho ba Yona ba Hlophisitsweng. Ditabatabelo tse ngotsweng ka hara molaotheo wa rona di tla phethahala tlasa ditsi tse ntjhafaditsweng tsa matla a batho; etswe batho ke bona Puso ya nnete.

10/11

SIYAZENZELA, QALEHO E KE KENG YA QOJWA

Ena e lokela ho ba Kgetho ya rona Historing. Mehla ya ho leta e fetile; meaho ya kgale e ya wa ka lebaka la boima ba ho bola ha yona, Mmuso o Lefifing la bosiu. Ha re a lokela ho tshaba lefifi lena, ka ha ke rona ba hotetsang mollo wa ntjhafatso. Re tlameha ho phatlalatsa Siyazensela; e seng le e le boikgethelo, empa e le Qeto. Ho iketsetsa ka borona ho bolela ho kgutlisetsa botho ba rona ho tloha ho batho ba phahameng setjhabeng ba nang le ditlwaelo tsa bohanyapetsi ebile ba re nka feela re le karolo ya dipalo-palo, mekopa-kopa, bakgethi, le mahlatsipa. Ha re sa le setjhaba se emetseng ho leta, e le boemo ba ka ho sa feleng ba rona. Re tlameha ho ba Kopano ya batho ba nang le Bokgoni le ba Iketsetsang. Ha re a lokela ho kopa tumello ya ho ka phela, ya ho atleha, kapa ya ho etella pele.

Ho setsebi se seng le se seng sa theknoloji, ho mme emong le emong, ho motjha e mong le emong, ena ke nako ya ho kgaotsa ho etsetswa. Nkang tsebo ya lona, dithulusi tsa lona, le tshepo ya lona, le di tlise Kopanong ya Mokgatlo. Lefatshe la kgale le ne le hahilwe hodima boikokobetso le ho leta ha rona; lefatshe le letjha le tla hahuwa hodima Mokgatlo wa Baahi ba Ikopantseng le ba Iketsetsang. 'Konteraka ya Setjhaba' e shwele, Selekane sa Batho se tla phela nako e telele.

11/11

BOIKANO BA KETSO

Re le setjhaba, re fihlile mateanong a ditsela pakeng tsa ho ba setjhaba se lefifing la ho timela kapa mafube a thabo le nchafatso. Ena ke hora ya ho qetela! Re tla wela ka sekoting se lefifi sa puso ya tshabo e tsejwang ka moruo o tlasa kgatello ya ditjhaba tse ruileng, re bolaiswa tlala, re le puso e laolwang ka ho feletseng ke dihlopha tsa dinokwane, puso ya batho ba sa tsebeng letho le ba sa tshepahaleng, puso ya baetapele ba sebedisang matla a bona ho utswa thepa ya mmuso, kaofela ha tsona di tliswa ke ho tlontlollwa ke boradikolone. Kapa re phahamele ho ba le thabo ya 'toro ya tokoloho' ya baholo-holo ba rona e tsejwang ka Teka-tekano, Ubuntu, Boikemelo, Mokgatlo wa Setjhaba, le Boikgantsho ba boAfrika.

Ke kgale re hlalosa mahlomola a rona, ho tloha mananeong kgaso ho ya diprogramong tsa dipuisano metjheng ya diphatlalatso, dihlopheng tse nyane tsa ho thuisa ho isa dihlopheng tse nyane tsa dipuisano, taba ke ho tlisa diphetoho; sekoti se le seng ka nako, phaposi ya ho ruta e lenngwe ka nako, le setsi sa tlhahiso se le seng ka nako. Re ke ke ra hlola re toloka! Hora ya ho ETSA e fihlile, mona, hona jwale!

Ka ho hloka boithati, ho hloka tshabo le botshepehi re tlameha ho fumana thabo ya baholoholo ba rona; mme re hane hore letsatsi le ka dikella katleho e kganyang ya batho, taolo ya molao wa demokrasi! Dinnete tsena ka hona di kokotelletswe lemating la mmuso o hlolehileng. A re se keng ra ikwahlaya. A re se keng ra tjhetjhella morao. Mehla ya Moloko wa Siyazenzela e fihlile! BASEBETSI BA TOKOLOHO! Ho MaAfrika Borwa ohle, a re tsebahatseng polelo ena ka hara malapa a rona, diterateng, dibakeng tsa mosebetsi le dibakeng tsa borapedi. Ha re buisaneng, re hlophiseng re be re hahe mokgatlo wa dinako tsa rona, Batho Pele: Ka bobedi Pele le Pele!

E hatise, e arolelane le batho, e buisane ka yona lapeng la hao, seterateng, mosebetsing le sebakeng sa borapedi.

Jarolla Lithuto tse 11 (PDF)
↑ Kgutlela Hodimo
Read in another language